10 Great Reasons To Use Ayoba

Ke mahala ho e sebedisa

ayoba e ka sebediswa mahala. O hloka data ho romella melaetsa le lifaele lenaneng la hao la mabitso mohaleng wa hao, empa dikhokahano tse ling (mohlala. MTN) di na le ho fana ka data ya mahala.

Ho arolelana ke ho tsotella

Arolelana di-video, ditshwantsho, medumo, le difaele tse ding le lenane la mabitso mohaleng wa hao.

Khokahanya ka potlako

Sebedisa buka ya diaterese tsa hao ho hokela ka potlako le ka mokhoa o bonolo ho lenane la mabitso mohaleng wa hao.

Mehala

Letsa ka hara app o sebedisa kgokahanyo ya lentswe la hao.

Qoqa hona tjena

Hang-hang romella o be o amohele melaetsa ya mongolo le ya lentsoe le mang kapa mang ya leng lenane la mabitso mohaleng wa hao.

Sireletsehileng

Tshireletso ya ka hohle e bolela hore melaetsa ya dipuisano e ka se balwe ke mang kapa mang.

Qoqa le batho bohle

Romella melaetsa ya mongolo ya SMS le mang kapa mang lenaneng la hao la mabitso mohaleng wa hao, ho sa tsotelehe hore na ba kentse ayoba kapa che.

Ha re kopane

Arolelana ka sebaka sa moo o leng ho sona le lenaneng la hao la mabitso a naleng Ayaba mohaleng wa hao.

Moqoqo oa sehlopha

Haholo ke nyakallo! Beha dipuisano tsa sehlopha ho buisana habonolo le metsoalle le ba lelapa moqoqong o le mong.

Thomelo ya ditjhelete

Romela kapa amohela ditefo ka mokgwa wa tjhelete ya mohala. (E tla haufinyane)

Ka Ayoba

Ayoba ke app ya mahala ya melaetsa e potlakileng,

e hlophisitsoe ke Maafrika bakeng sa Maafrika.

Leha Afrika ele kontinente e le nngwe, ke lehae la litso tse ngata tse fapaneng. Re keteka phapang ya batho ba Africa ka ho fana ka sethala sa melaetsa sa boleng ho bontsha ditlhoko le ditabatabelo tsa lehae.

Ho tloha qalong, ayoba e kenyetse tsebediso e rarahaneng ho boleng bo hodimo ho boloka data ya basebedisi ba rona ho netefatsa tsireletsa makunutu sa bona. Hona ho bolela hore melaetsa e dipuisanong e ka se balwe ke mang kapa mang, le basebetsi ba Ayoba ha ba no e bala.

Mokgwa wa rona o akaretsang wa thekhnoloji o bolela hore basebedisi ba ayoba ba tla tseba ho buisana le mang kapa mang ke sesebediswa sa selfounu, leha ba se ba na le app ya ayoba.

Hajwale, ayoba e fumaneha bakeng sa ho jarolleloa ho mang kapa mang a nang le mohala oa selfouno ya Android (tshehetso bakeng sa di-platform tse ding le disebediswa tse tlang haufinyane!). Ntle le moo, re na le tshebedisano-mmoho le MTN, ho fana ka data tsa mahala tsa Ayoba bakeng sa bareki ba MTN (dinaheng tse khethilweng mme ba ipehetse melawana ya tshebediso e nepahetseng) ha ba romella melaetsa, ditshwantsho, divideo le media tse ding ho mabitso a batho a leng mohale wa bona. Hodimo ha moo, dikarabo tsa melaetsa tsa ayoba di tla balwa mahala ho basebedisi ba ditshebeletso tsa MTN (dinaheng tse khethilweng), ho sa tsotellehe hore na ba sebedisa app.

Ke eng e tlang hape ho ayoba?

Re na le dintlafatso tse thabisang tse reretsweng kgwedi tse mmalwa tse tlang ha ntse re eketsa tshebeletso tsa rona Afrika ka bophara. Hona ho kenyeletsa ho kgona ho romela le ho amohela tjhelete ka hara ayoba, ho batho botle Afrika bophara, ka Tjhelete ya Mobile.